Mattheu 14:1 - Baasraak Sotho NT Mehleng eo, morena Heroda a utlwa botumo ba Jesu, Sesotho 1909/1961 (SO) Mehleng eo, Heroda moteterareke a utlwa botumo ba Jesu. BIBELE Ka nako eo kgosi Heroda a utlwa botumo ba Jesu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mehleng eo, morena Heroda a utlwa botumo ba Jesu, |
Che, leha e le Heroda, hobane ke le rometse ho eena; mme bonang, ha a etsetswa letho le tshwanelang lefu.
Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda e le moteterareke wa Galelea, Filipi ngwanabo e le moteterareke wa Iturea le wa Terakonite, Lysaniase e le moteterareke wa Abilene,
Empa Heroda, mmusi wa setereke, a kgalemelwa ke yena ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo, le ka baka la tsohle tse mpe tseo Heroda a di entseng.
le Johanna, mosadi wa Kusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba mo sebeletsa ka maruo a bona.
Jwale Antioke ho ne ho ena le baporofeta le baruti ba bang phuthehong ya teng. e le Barnabase, le Simeone, ya bitswang Nigere, le Lusiase wa Cyrene, le Manaene, ya neng a hodisitswe le Heroda, le Saule.
Hobane kannete Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le setjhaba sa Iseraele, ba bokanetse Jesu, Mora wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;