Empa a re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le bao a neng a ena le bona?
Mattheu 12:4 - Baasraak Sotho NT Kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo ka teng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa dumellwa ho jewa ke yena, leha e le ba nang le yena, haese baprista feela? Sesotho 1909/1961 (SO) kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi? BIBELE kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme ba ja bohobe bo halalelang, e leng boo yena le bao a neng a ena le bona ba neng ba sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo ka teng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa dumellwa ho jewa ke yena, leha e le ba nang le yena, haese baprista feela? |
Empa a re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a ileng a se etsa ha a ne a lapile le bao a neng a ena le bona?
Kapa, na ha le a ka la bala molaong, ho thwe, ka matsatsi a Sabatha baprista ba silafatsa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato?
Kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng mehleng ya Abiathare, moprista e moholo, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa dumellwa ho jewa, haese ke baprista, a ntoo nea le ba nang le yena?
kamoo a ileng a kena ka tlung ya Modimo kateng, a nka mahobe a pontsha, a a ja, a a nea le ba nang le yena; e leng se sa dumellwang ho jewa, haese baprista feela?
Hobane tabernakele e ne e etswa; ea pele e ne e le kandelare, le tafole, le mahobe a pontsha; se bitswang sehalalelo.