La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 12:36 - Baasraak Sotho NT

Empa ke re ho lona: Lentswe le leng le le leng la lefeela leo batho ba le buang, ba tla ikarabella ka lona ka letsatsi la kahlolo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mme ke re ho lona: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekiswa polelo e nngwe le e nngwe ya bosawana eo ba e boletseng.

Ver Capítulo

BIBELE

Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo,

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa ke re ho lona: Lentswe le leng le le leng la lefeela leo batho ba le buang, ba tla ikarabella ka lona ka letsatsi la kahlolo.

Ver Capítulo



Mattheu 12:36
10 Referencias Cruzadas  

Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa naha ya Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta ya motse oo.


Empa ke re ho lona: Ho tla ba bonolo bakeng sa Tire le Sidone ka letsatsi la kahlolo ho feta bakeng sa lona.


Hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, mme ka dipolelo tsa hao o tla ahlolwa.


Kahoo e mong le e mong wa rona o tla ikarabela ho Modimo.


Ka letsatsi leo ka lona Modimo o tla ahlola diphiri tsa batho ka Jesu Kreste, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka.


Leleme ke mollo, ke lefatshe la bokgopo; mme e tjheswa ka mollo wa dihele.


Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona.