Mattheu 12:15 - Baasraak Sotho NT Eitse ha Jesu a tseba, a tloha teng; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang. BIBELE Ha Jesu a tsebile hoo, a tloha moo. Batho ba bangata ba mo latela, mme a ba fodisa bohle, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Jesu a tseba, a tloha teng; |
Hohle moo a neng a kena teng, metsaneng, kapa metseng, leha e le masimong, ba bea ba kulang diterateng, ba mo kopa hore ba ame feela mophetho wa seaparo sa hae; mme bohle ba mo amang ba fola.
Empa Jesu, ha a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le ntse le nahana ka dipelo tsa lona jwang?
Matsatsing ao, a tswela thabeng ho ya rapela, mme a hlola bosiu bohle ho rapela Modimo.
Yare ha bongata bo tseba hoo, ba mo latela, mme a ba amohela, a bua le bona tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba hlokang ho fodiswa.
Jesu ha a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda; a tloha teng, a ya naheng e haufi le lefeella, motseng o bitswang Efraime, mme a hlola teng le barutuwa ba hae.
Kamora tseo, Jesu a itsamaela Galelea, hobane o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.
Ke tlameha ho sebetsa mesebetsi ya ya nthomileng e sa le motsheare; bosiu bo a tla, boo ho seng motho ya ka sebetsang ka bona.
Hobane le bileditswe hona, hobane Kreste le yena o utlwile bohloko bakeng sa rona, a le siela mohlala, hore le latele mehato ya hae.