Kannete ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
Mattheu 11:12 - Baasraak Sotho NT Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o ntse o futuha, mme bahale ba o hapa. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa. BIBELE Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o ntse o futuha, mme bahale ba o hapa. |
Kannete ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
Jesu a araba, a re ho yena: “Lesa ho be jwalo jwale, hobane e ka kgona re phethe jwalo ho loka hohle. Yaba o mo dumella.
Ikitlaetseng ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla batla ho kena, empa ba tla sitwa.
Le se ke la sebeletsa dijo tse felang, le mpe le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora motho a tla le nea tsona;
Ka baka leo, baratuwa ba ka, kamoo le nnileng la mamela ka mehla, e seng jwaloka ha ke le teng feela, empa e le haholoholo ha ke le siyo, le sebeletse poloko ya lona ka tshabo le thothomelo.