Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.
Luka 4:3 - Baasraak Sotho NT Yaba Diabolosi o re ho yena: Ha o le Mora wa Modimo, laela lejwe lena hore le fetohe bohobe. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Diabolose o re ho yena: Ekare ha o le Mora Modimo, ere, lejwe lena le fetohe bohobe. BIBELE Diabolosi a re ho yena: “Ha o le Mora wa Modimo, ere ho lejwe lena le fetohe bohobe!” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Diabolosi o re ho yena: Ha o le Mora wa Modimo, laela lejwe lena hore le fetohe bohobe. |
Mme moleki a tla ho yena, a re: Ha o le Mora wa Modimo, laela majwe ana hore e be bohobe.
Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena.
A ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. Mme matsatsing ao o ne a sa je letho: mme ha di fetile, hamorao a lapa.
Jesu a mo araba, a re: Ho ngodilwe, ho thwe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela ka dipolelo tsohle tsa Modimo.