Luka 3:3 - Baasraak Sotho NT A tla le lefatshe lohle le mabapa le Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako ya tshwarelo ya dibe; Sesotho 1909/1961 (SO) A ya le lefatshe lohle le mathoko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako, ya ho tshwarelwa dibe; BIBELE A ya tikolohong yohle ya Jorodane a ntse a phatlalatsa tsa kolobetso ya pako e isang tshwarelong ya dibe, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A tla le lefatshe lohle le mabapa le Jordane, a ntse a bolela kolobetso ya pako ya tshwarelo ya dibe; |
Tsena di etsahetse Bethabara, mose wane wa Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa teng.
Ba tla ho Johanne, ba re ho yena: Rabbi, ya neng a ena le wena mose wane wa Jordane, eo o mo pakileng, bona, ke yena ya kolobetsang, mme bohle ba tla ho yena.
Eitse ha Johanne a eso ho tle, a bolelle setjhaba sa Iseraele kaofela kolobetso ya pako.
Pauluse a re: Johanne o kolobeditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamorao ho yena, e leng Jesu Kreste.
Jwale, o diehellang? ema, o kolobetswe, mme o hlatswe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.