Ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo e e latelang. Amen.
Luka 1:1 - Baasraak Sotho NT Erekaha ba bangata ba nkile letsoho ho rera ditaba tseo re di dumelang ruri, Sesotho 1909/1961 (SO) Erekaha ba bangata ba se ba lekile ho pheta ka hlomahanyo ditaba tse phethahetseng hara rona, BIBELE Erekaha ba bangata ba lekile ho ngola ditaba tse etsahetseng hara rona, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Erekaha ba bangata ba nkile letsoho ho rera ditaba tseo re di dumelang ruri, |
Ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo e e latelang. Amen.
Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.
Motho e mong o kaya letsatsi le leng le phahametse a mang; E mong le e mong a kgodisehe ka botlalo kelellong ya hae.
Mme a kgodisehile ka botlalo hore seo a se tshepisitseng, o ne a ka kgona le ho se etsa.
E le hore lipelo tsa bona li tšelisehe, ba kopanngoe hammoho leratong, le leruong lohle la kholiseho e tletseng ea kutloisiso, le tsebong ea sephiri sa Molimo, le sa Ntate, le sa Kreste;
Epafrase, e mong wa lona, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa, a dula a ntse a le etsetsa merapelo e tiileng, hore le tle le eme le phethehile, le phethehile thatong yohle ya Modimo.
Hobane Evangeli ya rona ha ya ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa le ka matla, le ka Moya o Halalelang, le ka kgodiseho e kgolo. jwalokaha le tseba hore re ne re le batho ba jwang hara lona ka baka la lona.
Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.
Leha ho le jwalo, Morena o ile a ema le nna, mme a mpha matla; e le hore ka ’na molaetsa o ka tsebahatsoa ka botlalo, le hore lichaba tsohle li utloe: ’me ka lopolloa molomong oa tau.
A re atameleng ka dipelo tsa nnete, ka tumelo e tiileng, re fafaditswe dipelo ho tloswa matswalo a mabe, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.
Mme re lakatsa hore e mong le e mong wa lona a bonahatse mafolofolo a tshwanang le ona ho fihlela qetellong ya tshepo e tiileng.