BaFilipi 2:26 - Baasraak Sotho NT Hobane o ne a le hlolohetswe bohle, mme o ne a tsielehile, kahobane le ne le utlwile hore o ne a kula. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane o ne a le hlolohetswe haholo bohle, mme o ne a belaela haholo kahobane le utlwile ho kula ha hae. BIBELE O le hlolohetswe bohle, o tshwenyehile haholo, hobane le ne le utlwe hore o ile a kula. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o ne a le hlolohetswe bohle, mme o ne a tsielehile, kahobane le ne le utlwile hore o ne a kula. |
Pauluse a araba, a re: Le etsang, ha le lla, le ho ntlhomola pelo? hobane ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa le ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.
Hobane ke hlolohetswe ho le bona, ke tle ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le tiise;
Mme leha setho se le seng se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa setho se le seng se hlomphuoa, litho tsohle li thaba le sona.
Mme ka thapello ya bona bakeng sa lona, ba le hlolohetsweng ka baka la mohau o fetisisang wa Modimo ho lona.
Ka baka leo, ke rata hore le se ke la tepella ka baka la ditsietsi tsa ka ka baka la lona, tseo e leng tlotla ya lona.
Hobane Modimo ke paki ya ka ya kamoo ke le hlolohetsweng bohle kateng, ka lerato la Kreste Jesu.
Leha ho le jwalo, ke bone ho hlokahala ho romela ho lona Epafroditase, ngwaneso le mothusi wa ka mosebetsing le lesole-nna, eo e leng lenqosa la lona, le motlatsi wa ka.
Hobane o ne a kula, a ba a shwa, empa Modimo wa mo hauhela; mme e seng yena a nnotshi, empa le nna, hore ke tle ke se ke ka ba le mesarelo hodima mesarelo.
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, bao ke ba hlolohetsweng, lona thabo ya ka le moqhaka wa ka, le eme le tiile jwalo Moreneng, baratuwa.
Le thaba haholo ka hoo, le hoja e se e le ka nako e itseng, ha ho hlokahala, le le mesarelong ka meleko e mengata.