Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae; le ya romilweng o moholo ho ya mo romileng.
BaFilipi 2:25 - Baasraak Sotho NT Leha ho le jwalo, ke bone ho hlokahala ho romela ho lona Epafroditase, ngwaneso le mothusi wa ka mosebetsing le lesole-nna, eo e leng lenqosa la lona, le motlatsi wa ka. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ke lekantse hobane e ka kgona ke le romele Epafrodite, ngwaneso le motlatsi wa ka mosebetsing le hlabanong, lenqosa la lona le ho nna, le mmaballi wa ka bohloking. BIBELE Hape ke fumana ho lokela hore ke rome ngwanabo rona Epafaroditose, eo re thusaneng le yena mosebetsing le ntweng, eo le neng le mo laele ho tla ntshebeletsa ha ke ne ke hloka thuso. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le jwalo, ke bone ho hlokahala ho romela ho lona Epafroditase, ngwaneso le mothusi wa ka mosebetsing le lesole-nna, eo e leng lenqosa la lona, le motlatsi wa ka. |
Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae; le ya romilweng o moholo ho ya mo romileng.
Hobane o ne a le hlolohetswe bohle, mme o ne a tsielehile, kahobane le ne le utlwile hore o ne a kula.
Empa ke na le tsohle, mme ke atetswe; ke kgotshe, ke amohetse ho Epafroditase tse tswang ho lona, tse monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.
Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.
Jwalokaha le ithutile ho Epafrase, mohlanka mmoho le rona ya ratehang, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste bakeng sa lona;
le Jesu, ya bitswang Justuse, bao e leng ba lebollo. Bana ke bona feela basebetsi-’moho le ’na ’musong oa Molimo, ’me e bile matšeliso ho ’na.
ra roma Timothea, ngwaneso, mosebeletsi wa Modimo, mosebeletsi wa rona Evangeling ya Kreste, ho le tiisa, le ho le tshedisa ka baka la tumelo ya lona.
Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.