Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona.
Baefese 1:8 - Baasraak Sotho NT moo o re atiseditseng ho wona ka bohlale bohle le kelello; Sesotho 1909/1961 (SO) oo Modimo o re atiseditseng wona ka bohlale bohle le ka kelello yohle; BIBELE Modimo o re atiseditse mohau oo haholo, ka ho re fa bohlale le kutlwisiso yohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 moo o re atiseditseng ho wona ka bohlale bohle le kelello; |
Mora Motho o tlile a eja, a enwa, mme ba re: Bonang, ho na le motho wa monyollo le monwi, motswalle wa balekgetho le baetsadibe. Empa bohlale bo lokafatswa ho bana ba bona.
A botebo ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang, ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa!
Empa neo ya mohau ha e jwaloka tlolo. Hobane ekare ha ba bangata ba shwele ka tshito ya motho a le mong, mohau wa Modimo le neo ya mohau e leng ka motho a le mong, Jesu Kreste, di atiseditse ba bangata haholoholo.
Empa re bolela bohlale ba Modimo e leng sephiri, e leng bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele ho mehla ya lefatshe, e tle e be kganya ya rona.
Le rona re ruile lefa ho yena, re rerelwe pele ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka morero wa thato ya hae.
Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;
A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.
e le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa,
Ho Modimo ya bohlale feela, Mopholosi wa rona, e be kganya, le boholo, le borena, le matla, jwale le kamehla yohle. Amen.
Ba re ka lentswe le phahamileng: Konyana e hlabilweng e loketswe ke ho amohela matla, le maruo, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le poko.