Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 5:12 - Baasraak Sotho NT

12 Ba re ka lentswe le phahamileng: Konyana e hlabilweng e loketswe ke ho amohela matla, le maruo, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le poko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A ne a re ka lentswe le phahamileng: Konyana e neng e hlajwe e loketse ho nka borena, le monono, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le teboho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 A ne a bua ka mantswe a phahameng, a re: “Konyana e hlabilweng e lokela ho amohela borena, le borui, le bohlale, le matla, le hlompho, le tlotla, le thoriso.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ba re ka lentswe le phahamileng: Konyana e hlabilweng e loketswe ke ho amohela matla, le maruo, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le poko.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 5:12
19 Referencias Cruzadas  

Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Ka la hosasane a bona Jesu a etla ho yena, a re: Bonang, Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Jwalokaha o mo neile matla hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a ba nee bophelo bo sa feleng.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore, leha a ne a ruile, o ile a futsaneha ka baka la lona, hore lona ka bofuma ba hae le tle le rue.


Joale ho Morena oa bosafeleng, ea sa shoeng, ea sa bonahaleng, Molimo a le mong feela, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle; Ditsela tsa hao di lokile, ke tsa nnete, wena Morena wa bahalaledi.


Kamora tseo, ka utlwa lentswe le leholo la bongata bo boholo lehodimong, le re: Haleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Jehova, Modimo wa rona;


Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla;


Mme dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse ka tlasa lefatshe, le tse lewatleng, le tsohle tse ho tsona, ka di utlwa, di re: Ho ke ho be le lehlohonolo, le hlompho, le kganya, le matla. ya dutseng teroneng, le ho Konyana ka ho sa feleng.


Ka tadima, mme, ka bona, mahareng a terone le dibopuwa tse phelang tse nne, le mahareng a baholo, ho eme Konyana, e kang e hlabilwe, e na le dinaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng Meya e supileng ya moya. Modimo a romela lefatsheng lohle.


Eitse hobane e nke buka, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe pela Konyana, e mong le e mong a tshwere harepa, le nkgo ya kgauta e tletseng monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O lokelwa ke ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; sechaba;


Ka bona ha Konyana e manolla e nngwe ya ditiiso, mme ka utlwa se seng sa dibupuwa tse phelang tse nne se re: “Tloo o bone!”


ba re: Amen: Poko, le kganya, le bohlale, le teboho, le hlompho, le matla, le bonatla, di be ho Modimo wa rona kamehla le mehla. Amen.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos