Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara.
Mattheu 9:37 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ntoo re ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; Sesotho 1909/1961 (SO) E bile moo a reng ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. BIBELE Yaba o re ho barutuwa ba hae: “Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; Baasraak Sotho NT A ntoo re ho barutuwa ba hae: Kotulo e kgolo, empa basebetsi ha ba bakae; |
Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara.
Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;
Le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.
Mme pono ya bonahala ho Pauluse bosiu; Monna wa Masedonia o ne a eme, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.
Hobane ke na le wena, mme ha ho motho ya tla o futuhela ho o etsa hampe, hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.
Jwale, jwaloka basebetsi mmoho le yena, re a le rapela hore le se ke la amohela mohau wa Modimo lefeela.
le Jesu, ya bitswang Justuse, bao e leng ba lebollo. Bana ke bona feela basebetsi-’moho le ’na ’musong oa Molimo, ’me e bile matšeliso ho ’na.
Baholo ba busang hantle a ba balwe ba lokelwa ke hlompho e menahaneng habedi, haholo ba sebetsang ka thata lentsweng le thutong.
Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o thibetseng ka bolotsana, o a bokolla; mme mehoo ya ba kotutseng e kene ditsebeng tsa Morena wa makgotla.