Jwale moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: “O nyefotse; re sa hlokeng dipaki? bonang, jwale le utlwile nyefolo ya hae.
Mattheu 9:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bonang, ba bang ba bangodi ba re ka ho bona: Motho enwa o nyefola. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba bang ho bangodi ba re ka ho bona: Enwa o a nyefola. BIBELE Yaba Ditsebi tse ding tsa Molao di re ka dipelong tsa tsona: “Enwa o a nyefola!” Baasraak Sotho NT Mme bonang, ba bang ba bangodi ba re ka ho bona: Motho enwa o nyefola. |
Jwale moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: “O nyefotse; re sa hlokeng dipaki? bonang, jwale le utlwile nyefolo ya hae.
Kannete ke re ho lona: Bana ba batho ba tla tshwarelwa dibe tsohle, le dinyefolo tsohle tseo ba nyefolang ka tsona.
Empa ya nyefotseng Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa le ka mohla o le mong, empa o molato wa kahlolo e sa feleng.
Hobane ka hare, pelong tsa batho, ho tsoa mehopolo e mebe, le bofebe, le bohlola, le lipolao;
Yaba bangodi le bafarisi ba qala ho nahana, ba re: Enwa ke mang ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya ka tshwarelang dibe, haese Modimo feela?