Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.
Mattheu 9:26 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tumo ya taba eo ya utlwahala naheng eo yohle. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme taba eo ya tuma lefatsheng leo lohle. BIBELE Taba ena ya aparela lefatshe leo lohle. Baasraak Sotho NT Tumo ya taba eo ya utlwahala naheng eo yohle. |
Tumo ya hae ya utlwahala naheng yohle ya Siria, mme ha tliswa ho yena bohle ba kulang, ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta, le mahloko, le ba nang le batemona, le ba tshwerweng ke bolwetsi, le ba shweleng ditho; mme a ba fodisa.
Mme tumo ya gagwe ya akofa ya utlwala mo lefatsheng lotlhe le le mo tikologong ya Galelea.
Empa yena a tswa, a qala ho bolela haholo, le ho bolela taba eo hohle, hoo Jesu a neng a sitwa ho kena motseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle mathokong;
Morena Heroda a utlwa taba tsa hae; (hobane lebitso la hae le ne le tumile) mme a re: Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, mme ke ka baka leo mesebetsi e matla e bonahalang ho yena.
Jesu a kgutlela Galilea ka matla a Moya, mme botumo ba hae ba utlwahala le naha yohle e mathoko.
Empa botumo ba hae ba nna ba tswela pele haholo, mme matshwele a maholo a bokana ho tla mo mamela, le ho fodiswa malwetse a bona.
Hobane morena o tseba taba tseo, eo ke buang le yena ka bolokolohi; hobane taba ena ha e a ka ya etswa sephiring.