Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.
Mattheu 8:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bonang, ha tla molepera, a kgumama, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bonang, ha tla molepera ho yena, a mo kgumamela, a re: Morena, ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa. BIBELE Yaba molepera o tla ho yena, o a mo kgumamela, o re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.” Baasraak Sotho NT Mme bonang, ha tla molepera, a kgumama, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa. |
Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.
Mohlanka a itihela fatshe, a mo kgumamela, a re: ’Morena, ako nne o mphe pelo, mme ke tla o lefa kaofela.
Eitse ha ba kena ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria, mme ba itihela fatshe, ba mo kgumamela; khauta, le libano, le myra.
Jwale mma bana ba Sebedea a tla ho yena le bara ba hae, a kgumama, a kopa ntho e nngwe ho yena.
Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela.
A re ho yena: Tsohle tseo ke tla o nea tsona, ha o ka itihela fatshe, wa kgumama pela ka.
A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele;
Ho ne ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha; mme ho ne ho se le a mong wa bona ya ileng a hlwekiswa, haese Naamane wa Mosiria.
Empa Petrose a re: Ha ho jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.
Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.
Mme diphiri tsa pelo ya hae di bonahatswa jwalo; mme ka mokgwa o jwalo o tla itihela fatshe ka sefahleho, a kgumamele Modimo, mme a bolele hore ruri Modimo o ka ho lona.
Yaba ke itihela maotong a hae ho mo kgumamela. A re ho nna: Bona, o se ke wa etsa jwalo;