Jesu a phakisa a laela barutuwa ba hae hore ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a phatlalatsa matshwele.
Mattheu 8:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha Jesu a bona matshwele a maholo a mo teetse hare, a laela hore ba tshelele mose wane. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a bona hobane matshwele a maholo a mo teetse hare, a laela barutuwa hore ba mo tshedisetse mose. BIBELE Ha Jesu a bona letshwele le mo teetseng hare, a laela hore ho tshelelwe mose wane. Baasraak Sotho NT Yare ha Jesu a bona matshwele a maholo a mo teetse hare, a laela hore ba tshelele mose wane. |
Jesu a phakisa a laela barutuwa ba hae hore ba kene sekepaneng, ba mo etelle pele ho ya mose wane, ha yena a ntse a phatlalatsa matshwele.
Ka lona letsatsi leo, ha e se e le mantsiboya, a re ho bona: A re tsheleleng mose wane.
Eitse hobane Jesu a boele a tshelele mose wane ka sekepe, bongata bo boholo ba bokana ho yena, mme o ne a le pela lewatle.
A phakisa a laela barutuwa ba hae hore ba kene sekepaneng, ba etelle pele mose wane ho ya fihla Bethsaida, ha yena a ntse a phatlalatsa bongata.
Ka tsatsi le leng, a kena sekepeng le barutuwa ba hae, a re ho bona: A re tsheleleng mose wane wa letša. ’Me ba qala.
Yare ha Jesu a tseba hore ba tla tla ho mo tshwara, ho mo etsa morena, a boela a tloha, a ya thabeng a le mong.