Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme.
Mattheu 7:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, e mong le e mong ya mamelang dipolelo tseo tsa ka, mme a etsa ka tsona, nka mo tshwantsha ka monna ya bohlale, ya hahileng ntlo ya hae letlapeng; BIBELE “Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, mme a di etsa, o tla tshwantshwa le monna ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima lefika. |
Hobane e mong le e mong ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena ngwaneso, le kgaitsedi ya ka, le mme.
Le nna ke re ho wena: O Petrose, mme hodima lejwe lena ke tla haha kereke ya ka; mme dikgoro tsa molete di ka se e fenye.
Ha ho le jwalo, ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa ba ntlo ya hae, ho ba nea dijo ka nako e loketseng?
Empa ba bohlale ba araba, ba re: Che; esere mohlomong ha a ka a lekana rona le lona, le mpe le ye ho ba bapatsang, le ithekele.
Mme pula ya fologa, le merwalela ya tla, le diphefo tsa foka, tsa itaya ntlo eo; mme ya se ke ya wa: hobane e ne e theilwe hodima lefika.
E mong le e mong ya utlwang dipolelo tseo tsa ka, mme a sa di etse, o tla tshwantshwa le monna wa leoatla, ya ileng a haha ntlo ya hae lehlabatheng.
Ekare ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka; jwalokaha le nna ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dutse leratong la hae.
Hobane ha se bautloi ba molao ba lokileng pel’a Molimo, empa ke baphethi ba molao ba tla beoa ba lokileng.