Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.
Mattheu 7:16 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le tla ba tseba ka ditholwana tsa bona. A batho ba kgetla morara meutlweng, kapa difeiye meutlweng? Sesotho 1909/1961 (SO) Le tla ba tseba ka ho beha ha bona. Ana morara o kgolwa meutlweng, kapa a difeiye di kgolwa dibajweng na? BIBELE Le tla ba tseba ka diketso tsa bona. Na batho ba ke ba kge morara meutlweng, kapa difeiye hlabahlabaneng? Baasraak Sotho NT Le tla ba tseba ka ditholwana tsa bona. A batho ba kgetla morara meutlweng, kapa difeiye meutlweng? |
Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.
Ee, motho a ka re: Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi; mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.
Banabeso, na sefate sa feiye se ka beha ditholwana tsa mohlwaare na? kapa sefate sa morara, lifeiga? ka mokgwa o jwalo ha ho sediba se ka ntshang metsi a letswai le a monate.