Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jakobo 2:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ee, motho a ka re: Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi; mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Empa e mong o tla re: Wena, o na le tumelo; nna, ke na le mesebetsi; mpontshe he tumelo ya hao ho se mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Empa e mong o tla re: “Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi.” Ako mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Ee, motho a ka re: Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi; mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 2:18
20 Referencias Cruzadas  

Mme ya belaelang, ha a ka ja, o ahlotswe, hobane ha a je ka tumelo; hobane tsohle tse sa tsweng tumelong ke sebe.


Ka baka leo, re lekanya hore motho o bewa ya lokileng ka tumelo, kantle ho mesebetsi ya molao.


Jwalokaha Davida le yena a bolela lehlohonolo la motho eo Modimo o mmaletseng ho loka kantle ho mesebetsi.


Jwale, ha ho sa le tsuo ho ba leng ho Kreste Jesu, ba sa tsamayeng ka nama, ba mpang ba tsamaya ka Moya.


Jwale, o tla re ho nna: ’Ke hobaneng ha a sa ntse a nyedisa? Hobane ke mang ya hanyeditseng thato ya hae?


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.


Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Baratuwa, kaha re na le ditshepiso tsena, a re itlhwekiseng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phethahatsa khalalelo ka ho tshaba Modimo.


Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho; empa tumelo e sebetsang ka lerato.


Jwale qetello ya taelo ke lerato le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le letle, le tumelong e se nang boikaketsi.


U iponahatse u le mohlala oa mesebetsi e metle linthong tsohle, thutong ea ho se bole, le bokhabane, le botšepehi,


Ka tumelo Rahaba wa seotswa ha a ka a timela le ba sa kang ba dumela, ha a ne a amohetse dihlwela ka kgotso.


Bao ka tumelo ba ileng ba hlola mebuso, ba sebetsa ho loka, ba fumana dipallo, ba thiba melomo ya ditau;


Empa kantle ho tumelo ha ho kamoo motho o ka o kgahlisang kateng;


Bana beso, ho thusa eng, leha motho a re o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo e ka mo pholosa?


Ke mang hara lona ya bohlale, ya nang le tsebo? a ke a bonahatse ka metsamao e metle mesebetsi ya hae ka bonolo ba bohlale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos