A dithaga tse pedi ga di rekisiwe ka sente? mme e nngwe ya tsona e ke ke ya wela fatshe kantle ho Ntata lona.
Mattheu 6:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, le rapele ka mokgwa ona: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le kgethehe. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale lona, rapelang jwalo, le re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe; BIBELE “Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe; Baasraak Sotho NT Ka baka leo, le rapele ka mokgwa ona: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le ke le kgethehe. |
A dithaga tse pedi ga di rekisiwe ka sente? mme e nngwe ya tsona e ke ke ya wela fatshe kantle ho Ntata lona.
Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane Ntata lona o mong, ya mahodimong.
Empa ke re ho lona: Ho tloha jwale ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho fihlela tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha Mmusong wa Ntate.
A boela a tloha kgetlo la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ha senwelo sena se ke ke sa feta ho nna, ha ke sa se nwe, ho etswe thato ya hao.
Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
Hobane ekare ha le tshwarela batho ditlolo tsa bona, Ntata lona ya mahodimong le yena o tla le tshwarela.
Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.
Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba mo kopang tse molemo?
Mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena, mme ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.
Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.
Ke dumedisa ba leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
Hobane ha le a ka la amohela moya wa bohlanka hape hore le tle le tshabe; empa le amohetse Moya wa bongwana, oo re howeletsang ka wona, re re: Aba, Ntate.
Ke le Pauluse, moapostola, eo e seng wa batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, ya mo tsositseng bafung;
Mme kahobane le le bara, Modimo o rometse Moya wa Mora wa wona dipelong tsa lona, o howang, o re: Aba, Ntate!
Ke yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ahileng leseding le sa atameleheng; eo ho seng motho ya kileng a mmona, leha e le ya ka kgonang ho mmona: ho yena e be tlhompho le matla a sa feleng. Amen.
Mme ekare ha le rapela Ntate ya ahlolang ka ho ya ka mesebetsi ya e mong le e mong a sa ye ka tshobotsi, le fedise nako ya ho jaka ha lona mona ka tshabo.
Ba re ka lentswe le phahamileng: Konyana e hlabilweng e loketswe ke ho amohela matla, le maruo, le bohlale, le matla, le hlompho, le kganya, le poko.