Mattheu 6:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha le rapela, le se ke la ipheta-pheta, jwaloka baditjhaba; Sesotho 1909/1961 (SO) Ha le rapela, le se ke la touta jwaloka bahetene; hobane ba hloma ba tla utluwa ke ho bua haholo. BIBELE Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata. Baasraak Sotho NT Empa ha le rapela, le se ke la ipheta-pheta, jwaloka baditjhaba; |
A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna;
A boela a tloha kgetlo la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ha senwelo sena se ke ke sa feta ho nna, ha ke sa se nwe, ho etswe thato ya hao.
Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle.
Empa ha ba tseba hore ke Mojuda, ba howa ka lentswe le le leng kaofela hoo e ka bang hora tse pedi, ba re: O moholo Diana wa Baefese!