Mattheu 6:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 e le hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, empa ho Ntatao ya sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa. Sesotho 1909/1961 (SO) o tle o se ke wa bonahala ho batho hobane o itima dijo, ho mpe ho tsejwe ke Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa. BIBELE hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, haese ho Ntatao ya leng teng le sephiring, mme Ntatao ya bonang le sephiring o tla o buseletsa.” Baasraak Sotho NT e le hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, empa ho Ntatao ya sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa. |
Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.
Ka baka leo, re sebetsa ka thata hore, leha re le teng, leha re le sieo, re tle re amohelehe ho yena.
E le hore ho lekwa ha tumelo ya lona, e leng ya bohlokwa ho feta kgauta e timelang, leha e lekwa ka mollo, ho tle ho fihlelwe e le thoriso, le hlompho, le kganya mohla Jesu Kreste a hlahang.
Le ipee tlas’a melao eohle ea batho ka lebaka la Morena: ebang ke morena, kaha ke morena;