Hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe.
Mattheu 6:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba nang le melato ho rona. Sesotho 1909/1961 (SO) o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha re tshwarela ba nang le melato ho rona; BIBELE o re tshwarele ditshito tsa rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba re sitetsweng; Baasraak Sotho NT Mme o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba nang le melato ho rona. |
Hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe.
Mme bonang, ba tlisa ho yena monna ya omeletseng ditho, a robetse diphateng. Mora, beta pelo; o tshwaretswe dibe tsa hao.
Ha le eme le rapela, ha le ena le mang kapa mang, le mo tshwarele, hore le Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
O re tshwarele dibe tsa rona; hobane le rona re tshwarela bohle ba nang le melato ho rona. O se ke wa re isa molekong; empa o re lopolle bobeng.
Le ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora ya Siloame e ileng ya ba wela, ya ba bolaya, le lekanya hoba e ne e le baetsadibe ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?
“Ka baka leo, ho ke ho tsejwe ke lona banna ba heso, hore ka yena enwa le bolellwa tshwarelo ya dibe.
Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;
Mme le hauhelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo a le tshwaretse ka baka la Kreste.
Lo itshokelane, lo itshwarelane, fa mongwe a na le komang le mongwe; fela jaaka Keresete a ne a lo itshwarela, le lona lo dire jalo.