Empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.
Mattheu 26:75 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a elellwa polelo ya Jesu, eo a neng a re ho yena: Pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Petrose o elellwa se boletsweng ke Jesu, kamoo a neng a itse ho yena kateng: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko. BIBELE Petrose a hopola polelo ya Jesu ha a itse ho yena: “Mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” A tswela kantle, a lla habohloko. Baasraak Sotho NT Petrose a elellwa polelo ya Jesu, eo a neng a re ho yena: Pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko. |
Empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.
Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Bosiung bona, pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo.
Yaba o qala ho rohaka le ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Mme hanghang mokoko wa lla.
Jesu a mo araba, a re: Hleka o tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Kannetenete ke re ho wena: Mokoko o ke ke wa lla, o eso ho be o ntatotse hararo.
Hobane ke mang ya o etsang hore o fapane le e mong? ’me u na le eng eo u sa kang ua e amohela? jwale, haele moo o e amohetse, o ithorisa jwang, jwalokaha eka ha o a e fuwa?
Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna ba moea, le mo tsose ka moea o mosa; o itebele, o tle o se ke wa lekwa le wena.
Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.