Ekare ha motho a le bolella taba, le tle le re: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.
Mattheu 26:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Eyang motseng ho monna e mong, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e atametse; ke tla keteka Paseka ha hao le barutuwa ba ka. Sesotho 1909/1961 (SO) A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka. BIBELE A re: “Eyang motseng ho motho ya itseng, le re ho yena: ‘Moruti o re nako ya ka e haufi, ke tla jela Paseka ha hao mmoho le barutuwa ba ka.’ ” Baasraak Sotho NT A re: Eyang motseng ho monna e mong, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e atametse; ke tla keteka Paseka ha hao le barutuwa ba ka. |
Ekare ha motho a le bolella taba, le tle le re: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.
Empa lona, le se ke la bitswa Rabi, hobane Monghadi wa lona o mong, e leng Kreste; mme lona bohle le bana ba motho.
Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.
Ha ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka Tempeleng, ha le a ka la nkenya matsoho, empa ena ke nako ya lona, le matla a lefifi.
Eitse hobane a bue jwalo, a ya bitsa Maria kgaitsedi ya hae sephiring, a re: Moruti o tlile, o a o bitsa.
Eitse ha Jesu a tsebile pele ho mokete wa Paseka, hore nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng lena, ho ya ho Ntate, a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata ho isa qetellong.
Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.
Jwale ba batla ho mo tshwara, empa ho ne ho se motho ya mo isang matsoho, kahobane nako ya hae e ne e eso fihle.