Mattheu 25:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha monyadi a dieha, ba otsela bohle, ba robala. Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale kahobane monyadi a diehile, ba otsela bohle, ba robala. BIBELE Ka baka la ho dieha ha monyadi, bohle ba thibasela, ba robala. Baasraak Sotho NT Eitse ha monyadi a dieha, ba otsela bohle, ba robala. |
Yare hara mpa ya bosiu ha utlwahala mokgosi, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tsoang le mo khahlanyetse.
A tla ho barutuwa, a ba fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na le ne le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe?
Empa ha mohlanka eo a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla; mme a qala ho otla bahlanka le barwetsana, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa;
Ke a le bolella hore o tla phakisa a ba phetele. Leha ho le jwalo, mohla Mora motho a tlang, na o tla fumana tumelo lefatsheng?
Yaba o qala ho bolella batho papiso ena; Monna e mong o ile a lema serapa sa morara, a se nea balemi, mme a ya naheng e hole ka nako e telele.
Ke ka baka leo ho thoeng: Tsoha, uena ea robetseng, u tsohe bafung, ’me Kreste o tla u bonesetsa.
Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;