La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 24:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla, mme ho tla ba le ditlala, le mafu a sewa, le ditshisinyeho tsa lefatshe nqalong tse ngata.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata.

Ver Capítulo

BIBELE

Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, mmuso o tsohele mmuso matla, mme ho tla ba le ditlala, le mafu a sewa, le ditshisinyeho tsa lefatshe nqalong tse ngata.

Ver Capítulo



Mattheu 24:7
20 Referencias Cruzadas  

Mme ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala, le mafu a sewa; mme ho tla ba le dipono tse tshabehang le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong.


Yaba ho ema e mong wa bona, ya bitswang Agabuse, mme a bolela ka Moya hore tlala e kgolo e tla ba teng lefatsheng lohle, e bileng teng mehleng ya Kesare Klaudio.


Ke tla etsa mehlolo hodimo lehodimong, le meeka lefatsheng tlase; madi, le mollo, le mouwane wa mosi;


Mme lentswe lena le reng: Hang hape, le bolela ho tloswa ha tse sisinyehang, jwaloka tse entsweng, ho tle ho dule tse sa sisinyeheng.


Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme, bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe; letsatsi la fifala jwaloka lesela la mokotla le boya, mme kgwedi ya eba jwaloka madi;


Eitse hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo o bone. Ka tadima, ka bona pere e ntsho; mme ya e kaletseng o ne a tshwere sekala letsohong la hae.


Ka utlwa lentswe le le mahareng a dibopuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala ya koro ka denare, le tekanyo tse tharo tsa harese ka denare; mme o se ke wa senya ole le veine.


Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshehla, mme ya e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, mme Dihele tsa latela le yena. Mme ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, ho bolaya ka sabole, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa lefatshe.