Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.
Mattheu 24:44 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng. Sesotho 1909/1961 (SO) Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang. BIBELE Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.” Baasraak Sotho NT Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng. |
Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.
Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.
Yare ba sa ya reka, monyadi a fihla; mme ba neng ba itokisitse ba kena le yena moketeng wa lenyalo, mme monyako wa koaloa.
Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Mme tsebang sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.
Fadimehang ke hona, le rapele ka mehla, hore le tle le fumanwe le le le tshwanelang ho phonyoha dinthong tsena tsohle tse tla etsahala, le ho ema pela Mora motho.
Bana beso, le se ke la korotlela e mong, esere la ahlolwa; bonang, moahlodi o eme monyako.
A re thabeng, re nyakalle, mme re mo tlotlise, hobane lenyalo la Konyana le tlile, mme mosadi wa yona o itokisitse.