Mattheu 24:43 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe. Sesotho 1909/1961 (SO) Le mpe le tsebe hobane monga ntlo, hola a ka tseba nako eo senokwane se tla tla ka yona, a ka lebela, mme a ke ke a dumela hoba ntlo ya hae e phunngwe. BIBELE Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe. Baasraak Sotho NT Empa le tsebe sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a ka be a sa ka a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe. |
Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng.
Yare ba sa ya reka, monyadi a fihla; mme ba neng ba itokisitse ba kena le yena moketeng wa lenyalo, mme monyako wa koaloa.
Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Ke gone, nnang lo disitse, gonne ga lo itse gore mong wa ntlo o tla leng, e ka nna maitsiboa, gongwe bosigogare, gongwe fa mokoko o lela, gongwe mo mosong.
Mme ekare ha a ka tla tebelong ya bobedi, kapa ya boraro, mme a ba fihlela ba le jwalo, ho lehlohonolo bahlanka bao.
Mme tsebang sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.
Fadimehang ke hona, le rapele ka mehla, hore le tle le fumanwe le le le tshwanelang ho phonyoha dinthong tsena tsohle tse tla etsahala, le ho ema pela Mora motho.
Bona, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, esere a tsamaya a le feela, mme ba bona dihlong tsa hae.
Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona.