Mattheu 24:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla kgelosa ba bangata. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla thetsa batho ba bangata. BIBELE Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata, Baasraak Sotho NT Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla kgelosa ba bangata. |
Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka; hoo, hola ke ntho e ka etswang, ba ka thetsang le bona bakgethwa.
Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste; mme ba tla kgelosa ba bangata.
Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le diphiri tse harolang.
Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo le meeka, ho kgelosa le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.
Le ho lona ho tla hlaha banna, ba tla bua ditaba tse kgopo, ho ikhulela barutuwa hore ba ba sale morao.
Mme Moya o bolela ka ho hlaka hore mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba latele meya e thetsang, le dithuto tsa batemona;
Empa le hara setjhaba ho ne ho ena le baporofeta ba bohata, jwalokaha ho tla ba le baruti ba bohata le hara lona, ba tlang ho kenya ka sephiri dithuto tse senyang, ba latola Morena ya ba rekileng, mme ba itlisetsa tshenyeho e kapele.
Bana, ke nako ya bofelo, mme jwalokaha le utlwile hore antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba le teng; ka hona re tsebang hobane ke nako ya ho qetela.
Gonne go na le batho bangwe ba ba tseneng ka bonyene mo teng ga bone, ba e leng ba ba laotsweng go tswa bogologolong go atlholwa, e le batho ba ba se nang bomodimo, ba ba fetolang bopelotlhomogi jwa Modimo wa rona boitaolo, ba ba itatolang yo o esi, Modimo o o esi, le Morena wa rona Jesu Keresete.
Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.