Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 24:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla thetsa batho ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla kgelosa ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla kgelosa ba bangata.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 24:11
13 Referencias Cruzadas  

Mme lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ya bokgopo.


Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.


Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang.


Hobane ho tla hlaha Bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa dipontsho le mehlolo, ba tle ba thetse le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


le hobane ho tla tswa hara lona batho ba tla bolela ditaba tse kgopo, ho ikgulela barutuwa.


Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;


Empa, jwalokaha baporofeta ba bohata ba ile ba hlaha setjhabeng sa Iseraele, le hara lona baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri dithuto tse senyang, mme ka ho latola Morena ya ba lopolotseng, ba tla ikgulela tshenyeho e sehloho hodimo.


Bana, ke nako ya qetello; mme jwalokaha le utlwile hobane antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke kahoo re tsebang hobane ke nako ya qetello.


Ke le ngoletse ditaba tseo ka baka la ba le thetsang.


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos