Mattheu 23:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane Ntata lona o mong, ya mahodimong. Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane o mong feela eo e leng Ntata lona, ke ya leng mahodimong. BIBELE Mona lefatsheng le se ke la bitsa motho ‘Ntata lona,’ hoba le na le Ntate a le mong, lehodimong. Baasraak Sotho NT Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane Ntata lona o mong, ya mahodimong. |
Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle.
Ha ho le jwalo, ha lona, le le ba kgopo, le tseba ho nea bana ba lona dineo tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba mo kopang tse molemo?
Hobane leha le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, bontata lona ha ba bangata;
Ke tla ba Ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho rialo Morena ya matla wohle.
Bonang, ke lerato le jwang leo Ntate a re ratileng ka lona, hore re bitswe bana ba Modimo;