Mattheu 21:43 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, ke re ho lona: Mmuso wa Modimo le tla o amohuwa, mme o tla newa setjhaba se seng se tla beha ditholwana tsa wona. BIBELE “Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona. |
Ba re ho yena: Bakgopo bao o tla ba timetsa hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e nea balemi ba bang, ba tlang ho mo nea ditholwana ka dinako tsa tsona.
Jesu a re ho bona: Na ha le eso ho ka le bala Mangolong, ha ho thwe: Lejwe leo dihahi di le lahlileng, ke lona le fetohileng hlooho ya sekgutlo;
Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla robeha, empa mang kapa mang eo le mo welang, le tla mo sila.
Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe la bobedi, a ke ke a bona mmuso wa Modimo.
Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.
Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.