Yare ha nako ya ditholwana e atamela, a romela bahlanka ba hae ho balemi, hore ba nke ditholwana tsa sona.
Mattheu 21:40 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale, mohla monga tshimo ya merara a tlang, o tla etsang ka balemi bao? Sesotho 1909/1961 (SO) Ana mohla monga tshimo ya merara a fihlang, balemi bao o tla ba etsa jwang na? BIBELE “Jwale ekaba mohla monga tshimo a tlang, balemi baa o tla ba etsa jwang?” Baasraak Sotho NT Jwale, mohla monga tshimo ya merara a tlang, o tla etsang ka balemi bao? |
Yare ha nako ya ditholwana e atamela, a romela bahlanka ba hae ho balemi, hore ba nke ditholwana tsa sona.
Ba re ho yena: Bakgopo bao o tla ba timetsa hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e nea balemi ba bang, ba tlang ho mo nea ditholwana ka dinako tsa tsona.
Jwale monga tshimo ya merara o tla etsa jwang? o tla tla, a timetse balemi, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang.
Le lekanya hakakang, ha le ka lekanya hore o lokelwa ke kotlo e fetisang hakakang, ya hatang Mora wa Modimo ka maoto, a nkang madi a selekane, ao a halaleditsweng ka wona, e le ntho e sa halaleleng, mme a nyedisitse Moya tsa mohau?