A re ho bona; Le lona eyang tshimong ya morara, mme ke tla le nea se lokileng. Mme ba tsamaya.
Mattheu 21:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a kena ka Tempeleng, ha a ntse a ruta, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ba re: “Tseo o di etsa ka matla afe? mme ke mang ya o neileng matla ao? Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang? BIBELE Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?” Baasraak Sotho NT Eitse ha a kena ka Tempeleng, ha a ntse a ruta, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ba re: “Tseo o di etsa ka matla afe? mme ke mang ya o neileng matla ao? |
A re ho bona; Le lona eyang tshimong ya morara, mme ke tla le nea se lokileng. Mme ba tsamaya.
Yaba Jesu o a tswa, a tloha tempeleng, mme barutuwa ba hae ba tla ho yena ho mmontsha mehaho ya tempele.
Ka yona nako eo Jesu a re ho matshwele: Le tsoile ka disabole le melamu, jwaloka hoja le tsoetse leshodu ho ntshwara? Ke ne ke dula le lona ka tsatsi le leng le le leng tempeleng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara.
A ruta ka matsatsi wohle tempeleng. Empa baprista ba baholo le bangodi le baholo ba setjhaba ba batla ho mo timetsa;
Ka le leng la matsatsi ao, ha a ntse a ruta batho tempeleng, a bolela Evangeli, baprista ba baholo le bangodi le baholo ba tla ho yena.
Ba ba bea hara bona, ba botsa, ba re: Taba eo le e entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?
Empa ya neng a sitetswe wa habo, a mo phephetsa, a re: Ke mang ya o beileng mmusi le moahlodi wa rona?