Mattheu 21:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a bona sefate sa feiye se tseleng, a ya ho sona, mme a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; Mme hang sefate sa feiye sa omella. Sesotho 1909/1961 (SO) A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang. BIBELE A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang. Baasraak Sotho NT Eitse ha a bona sefate sa feiye se tseleng, a ya ho sona, mme a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; Mme hang sefate sa feiye sa omella. |
Jesu a fetola a re: Go tloga bjale go se be motho yo a tlago go ja seenywa go wena go iša mehleng ya neng le neng. Mme barutuwa ba hae ba utlwa.
Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng, o a le tlosa, mme lekala le leng le le leng le behang o a le hloekisa, hore le tle le behe haholo.
Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle jwaloka lekala, mme o a omella; mme batho ba a bokella, ba a lahlela mollong, mme a tjhe.
Ba bolela hore ba tseba Modimo; empa ba mo latola ka mesebetsi, e le ba manyala, ba hanang ho utlwa, le mesebetsing yohle e molemo, ba sa amohelwe.
Bana ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba keteka le lona, ba iphepa ba se na tshabo; ditlhare tse maungo a tsona a swabang, tse di se nang maungo, tse di suleng gabedi, tse di kumotsweng;
Ya sa lokang a a nne a etse tse sa lokang, ya ditshila a nne a itshilafatse, ya lokileng a nne a etse ho loka, le ya halalelang a nne a halalele.