Mehleng eo Jesu a feta hara masimo ka Sabatha; mme barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga diako, ba ja.
Mattheu 21:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse hoseng ha a khutlela motseng, a lapa. Sesotho 1909/1961 (SO) Kameso, ha a boela motseng, a lapa. BIBELE Jesu ha a kgutlela motseng, e sa le hoseng, a ikutlwa a lapile. Baasraak Sotho NT Eitse hoseng ha a khutlela motseng, a lapa. |
Mehleng eo Jesu a feta hara masimo ka Sabatha; mme barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga diako, ba ja.
Eitse hobane a itime dijo matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, kamora moo a lapa.
A ntse a lekwa ke Diabolosi ka matsatsi a mashome a mane. Mme matsatsing ao o ne a sa je letho: mme ha di fetile, hamorao a lapa.
Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ke keng a re utlwela bohloko mefokolong ya rona; empa ya lekilweng nthong tsohle jwaloka rona, empa a se na sebe.