A re ho yena: O batlang? A re ho yena: Etsa hore bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi.
Mattheu 20:32 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a ema, a ba bitsa, a re: Le rata ha ke le etsa jwang? Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o ema, a ba bitsa, a re: Le rata ha ke le etsetsa eng? BIBELE Jesu a ema, a di bitsa, a re: “Le rata ha ke le etsetsa eng?” Baasraak Sotho NT Jesu a ema, a ba bitsa, a re: Le rata ha ke le etsa jwang? |
A re ho yena: O batlang? A re ho yena: Etsa hore bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi.
Mme bongata ba ba kgalemela, hore ba homole; empa ba eketsa ho howa, ba re: Morena, Mora Davida, re utlwele bohloko!
Le se ke la itshwenya ka letho; empa nthong tsohle tseo le di hlokang le di tsebise Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.