A fetoha ponahatso pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi.
Mattheu 17:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bonang, ha hlaha ho bona Moshe le Elia ba ntse ba bua le yena. Sesotho 1909/1961 (SO) mme hang, Moshe le Elia ba ba hlahela, ba buisana le yena. BIBELE Jwale Moshe le Elia ba iponahatsa ho bona, ba ntse ba bua le Jesu. Baasraak Sotho NT Mme bonang, ha hlaha ho bona Moshe le Elia ba ntse ba bua le yena. |
A fetoha ponahatso pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi.
Petrose a araba, a re ho Jesu: Morena, ho hotle ha re le mona; e ’ngoe bakeng sa hao, e ’ngoe bakeng sa Moshe, e ’ngoe bakeng sa Elia.
O tla mo etella pele ka moya le ka matla a Elia, ho sokollela dipelo tsa bontate ho bana ba bona, le ba sa mameleng bohlaleng ba ba lokileng; ho lokisa setjhaba se lokiseditsweng Morena.
A qala ka Moshe le ho baporofeta bohle, a ba hlalosetsa Mangolong wohle ditaba tse mabapi le yena.
A re ho bona: Ke wona dipolelo tseo ke le boleletseng tsona, ha ke sa na le lona, hore tsohle tse ngodilweng molaong wa Moshe, le baporofeta, le Dipesaleme, e ka kgona di etsahale ’na.
Eitse ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: Rabbi, ho hotle ha re ka dula mona; e mong e be wa hao, e mong e le wa Moshe, e mong e be wa Elia, a sa tsebe seo a se bolelang.