La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 17:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yare ba sa le Galelea, Jesu a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ha ba sa ya le Galelea, Jesu a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha ba ntse ba tsamaya hammoho Galelea, Jesu a re ho bona: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho,

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yare ba sa le Galelea, Jesu a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho.

Ver Capítulo



Mattheu 17:22
21 Referencias Cruzadas  

Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, mme a hlokofatswe haholo ke baholo le baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao, mme a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Empa ke re ho lona: Elia o se a tlile, mme ha ba ka ba mo tseba, ba mpa ba mo entse kamoo ba ratileng kateng. Mora motho le yena o tla hlokofatswa ke bona jwalo.


Ba tla mmolaya, mme ka letsatsi la boraro o tla tsoha. Mme ba swaba haholo.


Eitse ha ba theoha thabeng, Jesu a ba laela, a re: Le se ke la bolella motho pono eo, Mora Motho a eso ho tsohe bafung.


Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba hloyana.


Ho tloha mohlang oo a batla sebaka se loketseng sa ho mo eka.


Emang, re tsamayeng; bonang, ya nkekang o atametse.


A qala ho ba ruta hore Mora motho o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.


Na Kreste o ne a sa tšoanela ho utloisoa bohloko ke lintho tseo, le ho kena khanyeng ea hae?


A re ho bona: Ho ngodilwe jwalo, mme Kreste o ne a tshwanetse ho hlokofatswa, le ho tsoha bafung ka letsatsi la boraro.


A re: E ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme a tsohe ka letsatsi la boraro.


Bohle ba hlollwa ke matla a Modimo a maholo. Eitse ha ba ntse ba hlollwa ke tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae:


Ke ofe wa baporofeta ya sa kang a hloriswa ke bontata lona? mme ba bolaile ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng; eo jwale le leng baeki le babolai ba hae;


Hobane nna ke amohetse ho Morena seo le nna ke le neileng sona, ke hoba Morena Jesu ka bona bosiu boo a ekilweng ka bona, o ile a nka bohobe.