Mattheu 15:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Na ha le utlwisise hore tsohle tse kenang ka hanong di ya ka mpeng, di be di ntshetswe seretseng? Sesotho 1909/1961 (SO) Na ha le utlwisise hobane tsohle tse kenang ka hanong di ya mpeng, di ntoo lahlelwa mohlabeng? BIBELE Na ha le utlwisise hore se kenang ka molomo se fetisetswa maleng, se nto lahlwa mohlabeng? Baasraak Sotho NT Na ha le utlwisise hore tsohle tse kenang ka hanong di ya ka mpeng, di be di ntshetswe seretseng? |
Hobane ha se kene ka pelong ya hae, empa se kena ka mpeng, mme se tswelle sekgutlong, se hlwekisa dijo tsohle?
Motho ya molemo o ntsha se molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; mme motho ya kgopo o ntsha se sebe letlotlong le lebe la pelo ya hae;
Dijo ke tsa mpa, le mpa ke ya dijo; empa Modimo o tla di fedisa hammoho le tsona. Jwale mmele ha se wa bohlola, empa ke wa Morena; le Morena bakeng sa mmele.