Mattheu 15:16 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a re: Hleka le lona le ntse le hloka kutlwisiso na? Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a re: Na le sa hloka kelello le lona na? BIBELE Jesu a re: “Na le lona le ntse le hloka kutlwisiso? Baasraak Sotho NT Jesu a re: Hleka le lona le ntse le hloka kutlwisiso na? |
Na ha le utlwisise hore tsohle tse kenang ka hanong di ya ka mpeng, di be di ntshetswe seretseng?
Ana ha le utlwisise jwang ha ke sa ka ka bua le lona ka mahobe, ka re, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi?
Na ha le eso ho utlwisise, leha e le ho hopola mahobe a mahlano a ba dikete tse hlano, le hore na le ile la nka diroto tse kae?
Hobane ba ne ba sa ka ba lemoha mohlolo wa mahobe, kahobane dipelo tsa bona di ne di thatafetse.
A re ho bona: Hleka le lona ha le na kutlwisiso? A ga le lemoge gore se sengwe le se sengwe se se tšwago ka ntle se ka tsenago ka go motho, se ka se kgone go mo šilafatša;
Mme bona ha ba ka ba utlwisisa letho la tseo, mme lentswe leo le ne le patehile ho bona, ba sa tsebe tse bolelwang.
Empa ha ba ka ba utlwisisa polelo eo, mme e ne e patehile ho bona, hore ba se ke ba e lemoha; mme ba tshaba ho mmotsa ka polelo eo.
Hobane leha le ne le loketse ho ba mesuwe, ka nako e fetileng, le sa ntse le hloka hore motho a le rute dithuto tsa pele tsa dipolelo tsa Modimo; mme le fetohile ba hlokang lebese, e seng dijo tse thata.