A re: Mmuso wa Modimo re ka o tshwantsha le eng? kapa re ka e bapisa ka setshwantsho sefe?
Mattheu 13:32 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e se e hodile, e kgolo ho dimela, mme e fetoha sefate, hoo dinonyana tsa lehodimo di tlang ho aha makaleng a sona. Sesotho 1909/1961 (SO) Efela e le yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e hodile, e siya meroho e meng, e fetohe sefate, moo dinonyana tsa lehodimo di tlang, mme di aha makaleng a sona. BIBELE Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.” Baasraak Sotho NT E leng yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e se e hodile, e kgolo ho dimela, mme e fetoha sefate, hoo dinonyana tsa lehodimo di tlang ho aha makaleng a sona. |
A re: Mmuso wa Modimo re ka o tshwantsha le eng? kapa re ka e bapisa ka setshwantsho sefe?
Empa ha e se e jadilwe, e a mela, e be kgolo ho feta dimela tsohle, mme e etse makala a maholo; e le hore linonyana tsa leholimo li ka lula tlas’a moriti oa sona.
Matsatsing ao Petrose a ema hara barutuwa, a re: (palo ya mabitso e batla e ka ba lekgolo le mashome a mabedi).
Yare ha ba utlwa hoo, ba tlotlisa Morena, ba re ho yena: Ngwaneso, o a bona kamoo dikete tsa Bajuda ba dumetseng kateng; mme bohle ba tjhesehela molao;
Lengeloi la bosupa la letsa; mme ha utlwahala mantswe a maholo lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mebuso ya Morena wa rona le ya Motlotsuwa wa hae; mme o tla busa ka ho sa feleng le kamehla.