La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 12:20 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Lehlaka le tletleraneng a ke ke a le roba;

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole.

Ver Capítulo

BIBELE

A ke ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, le lebone le taitsang a ke ke a le tima, ho fihlela a etsa hore toka e hlole.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Lehlaka le tletleraneng a ke ke a le roba;

Ver Capítulo



Mattheu 12:20
21 Referencias Cruzadas  

Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla.


Eitse ha ba tsamaya, Jesu a qala ho bolella matshwele bakeng sa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang lefeelleng? Lehlaka le tsokoang ke moea?


Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.


A ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo kamehla ka Kreste, mme a bonahatsa monko wa tsebo ya wona ka rona dinqalong tsohle.


E le hore le mpe le mo tshwarele le ho mo tshedisa, esere ya jwalo a metswa ke maswabi a feteletseng.


Ka tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; mme a newa moqhaka: mme a tloha e le ya hlolang, le ho hapa.