Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa se sa dumellwang ho etswa ka tsatsi la Sabatha.
Mattheu 12:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bonang, ho ne ho ena le monna ya letsoho le omeletseng. Ba mmotsa, ba re: Hleka ho dumeletswe ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? ba tle ba mo qose. Sesotho 1909/1961 (SO) Motho o ne a le teng moo, ya letsoho le omeletseng; ba botsa Jesu, ba re: Ana ho ka lokela ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? Ba rialo, ba batla sebaka sa ho mo qosa. BIBELE Ho ne ho le teng motho ya shweleng letsoho. Hore ba tle ba qose Jesu, Bafarisi ba mmotsa, ba re: “Na ho a dumelleha ho fodisa batho ka Sabatha?” Baasraak Sotho NT Mme bonang, ho ne ho ena le monna ya letsoho le omeletseng. Ba mmotsa, ba re: Hleka ho dumeletswe ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? ba tle ba mo qose. |
Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa se sa dumellwang ho etswa ka tsatsi la Sabatha.
Bafarisi le bona ba tla ho yena, ba mo leka, ba re ho yena: Hleka monna o dumeletswe ho hlala mosadi wa hae ka baka la ntho e nngwe le e nngwe na?
Yaba mmusi wa sinagoge a halefa, kahobane Jesu a fodisitse ka tsatsi la Sabatha, a re ho batho: Ho na le matsatsi a tsheletseng ao ho ka sebetswang ka wona; letsatsi.
Ba qala ho mo qosa, ba re: Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba, a hanela ho ntshetsa Sesare lekgetho, a re, yena ke Kreste, morena.
Ho ne ho robetse letshwelehadi la ba kulang, le difofu, le dihlotsa, le ba omeletseng ditho, ba letetse ho sisinyeha ha metsi.
Ekare ha motho a bolotswa ka Sabatha, ho tle ho se ke ha tlolwa molao wa Moshe; a le nkgalefela, kahobane ke fodisitse motho kahohle ka tsatsi la Sabatha na?
Ba bua jwalo, ho mo leka, hore ba tle ba be le seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu a inama, a ngola fatshe ka monwana, jwaloka hoja a sa ba utlwe.
Bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, kahobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa mehlolo e kalo jwang? Karohano ya eba teng hara bona.