Mehleng eo Jesu a feta hara masimo ka Sabatha; mme barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga diako, ba ja.
Mattheu 11:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane joko ea ka e bobebe, mojaro oa ka o bobebe. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane joko ya ka e tjhatsi, le phahlo ya ka ha e na boima. BIBELE Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.” Baasraak Sotho NT Hobane joko ea ka e bobebe, mojaro oa ka o bobebe. |
Mehleng eo Jesu a feta hara masimo ka Sabatha; mme barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga diako, ba ja.
Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. Mo lefatsheng le tla ba le matshwenyeho: empa betang pelo; Ke hlotse lefatshe.
Jwale, ke ka baka lang le lekang Modimo ka ho jara barutuwa ba bona joko melaleng, eo bontata rona le rona re sa kang ra khona ho e jara?
Hobane Moya o Halalelang le rona re bone ho le molemo hore re se ke ra le bea moroalo o mong, haese tseo tse hlokahalang;
Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;
Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la tshwaswa joko ya bohlanka.
Hobane lerato la Modimo ke hore re boloke ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.