Mattheu 11:27 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena. Sesotho 1909/1961 (SO) Ntho tsohle di beilwe ho nna ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; hape, ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo kwahollela yena. BIBELE “Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena. Baasraak Sotho NT Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena. |
Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.
Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.
Jesu a tseba hobane Ntatae o neetse tsohle matsohong a hae, le hobane o ne a etswa ho Modimo, mme a ya ho Modimo;
Lebitso la hao ke le senoletse batho bao o nneileng bona lefatsheng: e ne e le ba hao, mme o nneile bona; mme ba bolokile lentswe la hao.
Hase hore motho o teng ya boneng Ntate, haese ya tswang ho Modimo; ke yena ya boneng Ntate.
Ke yena ya nyolohetseng lehodimong, mme a ka letsohong le letona la Modimo; mangeloi le balaodi le ba matla di behilwe katlasa hae.
E mong le e mong ya latolang Mora, le yena ha a na Ntate; (empa) ya bolelang Mora o na le yena le Ntate.
Mongwe le mongwe yo o tlolang, a sa nnele ruri mo thutong ya ga Keresete, ga a na Modimo. Ya dulang a le thutong ya Kreste, ke yena ya nang le Ntate le Mora.