Kannete ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
Mattheu 11:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka ka pele ho sefahleho sa hao, le tla o lokisa tsela pela hao. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ke yena ya bolelwang moo ho ngodilweng, ho thwe: Bona, ke roma pela sefahleho sa hao lenqosa la ka le tlang ho o lokisetsa tsela. BIBELE Ke eo ho ngotsweng ka yena, ha thwe: “ ‘Ke romela leqosa la ka ke leo, le tla o etella pele, le o lokisetse tsela.’ Baasraak Sotho NT Hobane ke yena eo ho ngodilweng tsa hae, ha thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka ka pele ho sefahleho sa hao, le tla o lokisa tsela pela hao. |
Kannete ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane Mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.
Hobane ke yena ya kileng a bolelwa ke moporofeta Esaia, ha a re: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.
Jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya baporofeta, ho thwe: Bona, ke roma lenqosa la ka pela sefahleho sa hao, le tla o lokisetsa tsela.
A re: Ke lentswe la ya howang feelleng, le re: Lokisang mmila wa Morena, jwalokaha moporofeta Esaia a boletse.