Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.
Mattheu 10:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha ba le hlorisa motseng ona, le balehele ho o mong; Sesotho 1909/1961 (SO) Etlere ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong; hobane kannete ke re ho lona: Mora motho o tla hlaha, le eso ho qete metse yohle ya Iseraele. BIBELE Ha ba le hlorisa motseng o mong, balehelang ho o mong, hobane ruri ke a le bolella, ha le ka ke la qeta metse ya Iseraele Mora Motho a eso tle. Baasraak Sotho NT Empa ha ba le hlorisa motseng ona, le balehele ho o mong; |
Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.
Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.
Eitse hobane ba tsamaye, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o dule teng, ke be ke o bolelle; o tla batla ngoana e monyenyane ho mo timetsa.
Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le Ditsebi tsa Molao; le tla otla ba bang masinagogeng a lona, le ba hlorise ho tloha motseng o mong ho ya ho o mong;
Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.
Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.
Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.
Ke a le bolella hore o tla phakisa a ba phetele. Leha ho le jwalo, mohla Mora motho a tlang, na o tla fumana tumelo lefatsheng?
Kamora tseo, Jesu a itsamaela Galelea, hobane o ne a sa rate ho tsamaya Judea, hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.
Yaba baena ba phakisa ba romela Pauluse ho ya fihla lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.
Eitse hobane moferefere o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa, a ba kopa, a ntoo tloha, a ya Masedonia.
Mme Saule o ne a dumellana le lefu la hae. Mehleng eo ha hloriswa haholo kereke e Jerusalema; mme ba qhalanngwa bohle dinaheng tsa Judea le Samaria, haese baapostola feela.